Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:23 - BIBELE

23 Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:23
21 Referencias Cruzadas  

“Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.


Jwale Nowe a tswa a ena le mosadi wa hae, le bara ba hae, le dingwetsi tsa hae.


o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama.


Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle,


Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.


Kgalefo ya Modimo e ke ke ya fediswa, ya fediswa ke maruo a motho, empa ho loka ho lopolla motho lefung.


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos