Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.
Mattheu 24:16 - BIBELE Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng; Sesotho 1909/1961 (SO) mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng; Baasraak Sotho NT Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng. |
Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.
“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’
“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.
Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,
“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang!
Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.