La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 23:4 - BIBELE

Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona.

Ver Capítulo



Mattheu 23:4
10 Referencias Cruzadas  

Bele o a ketoha, Nebo o kgatheng la ho wa, medingwana ya bona e bofilwe hodima dipelesa. Medingwana eo e bofilweng e boima, e imela dipelesa tse kgathetseng.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.


Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse.


Jesu a re: “Le lona le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le jarisa batho mejaro e ba imelang, empa lona le sa ame mejaro eo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.


Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara?


Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang:


Batho bao ba bolotseng ha ba boloke Molao, ba mpa ba lakatsa hore le bolle, ba tle ba ithorise ka ho bolotswa ha lona.


Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.


Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape.