Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:23 - BIBELE

23 “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya koena le anise le kumine, mme le lesitse ditaba tse boima tsa molao, e leng kahlolo, le mohau, le tumelo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya koena le anise le kumine, mme le lesitse ditaba tse boima tsa molao, e leng kahlolo, le mohau, le tumelo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:23
16 Referencias Cruzadas  

Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


Ha a thuile makwete o jala kolojannere le sepaile, ebe koro yona o e jala ka mela, harese le mabele a di jale temeng ya tsona.


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,’ le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”


“Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane.


Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang.’


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos