Mattheu 23:16 - BIBELE “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: ‘Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’ Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe. Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato; |
Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”
“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.
Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?
Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.
Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.