Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:26 - BIBELE

26 Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mofarisi wa sefofu, o hlwekise pele ka hare ho mohope le mokeke, hore bokantle ba tsona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mofarisi wa sefofu, o hlwekise pele ka hare ho mohope le mokeke, hore bokantle ba tsona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:26
12 Referencias Cruzadas  

ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?”


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


“Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”


mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose.


Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo.


Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.”


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos