Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mofarisi wa sefofu, o hlwekise pele ka hare ho mohope le mokeke, hore bokantle ba tsona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mofarisi wa sefofu, o hlwekise pele ka hare ho mohope le mokeke, hore bokantle ba tsona bo tle bo hlweke.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:26
12 Referencias Cruzadas  

Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona.


Morwetsana ha a laetswe ke mmae a re: Nnee hona jwale hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.


Hape, leha ba etswa moo ho rekelwang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekgwa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, le dipitsa, le merifi ya koporo, le malao.


Morena a re ho yena: Lona bafarisi, le hlatswa sejana le mokeke kantle, kanthe kahare ho lona ho tletse boshodu le lonya.


Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos