La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 23:14 - BIBELE

Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele;

Ver Capítulo



Mattheu 23:14
14 Referencias Cruzadas  

Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.


“Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;


“Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana.


Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa naha ya Sodoma di tla mamelleha ho feta tsa hao.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta,


Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng.


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.