Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:10 - BIBELE

10 Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ba bangata ba teng, haholo hara ba lebollo, ba hanang ho utlwa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane ho na le ba bangata ba sa laoleheng, ba buang mafeela, le bathetsi, haholoholo ba lebollo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane ho na le ba bangata ba sa laoleheng, ba buang mafeela, le bathetsi, haholoholo ba lebollo.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:10
29 Referencias Cruzadas  

Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.


Yare ha Petrose a nyolohetse Jerusalema, ba bolotseng, e leng Bajuda, ba mo tsekisa,


Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.”


Re utlwile hore ba bang ba rona, ba neng ba sa laelwa ke rona, ba ile ba le tshwenya ka dipolelo, ba ferekanya maikutlo a lona.


Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape.


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste?


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo.


Ka ho fapoha tsena, ba bang ba kgelohetse dipolelong tsa bosawana.


Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.


Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.


Ya reng: “Ke a mo tseba,” empa a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, ha a na nnete.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


Empa se molemo seo o nang le sona ke sena: O hloile mesebetsi ya balatedi ba Nikola, eo le nna ke e hloileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos