La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 22:31 - BIBELE

Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re:

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa malebana le tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala seo Modimo a ileng a le bolella sona, a re:

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa malebana le tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala seo Modimo a ileng a le bolella sona, a re:

Ver Capítulo



Mattheu 22:31
7 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;


Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,’ le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.


Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong.


‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”


Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”