Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.
Mattheu 22:11 - BIBELE “Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse morena ha a kena ho bona ba dutseng dijong, a bona motho ya sa aparang kobo ya bohadi. Baasraak Sotho NT Yare ha morena a kena ho tla bona bamemuwa, a bona teng motho ya sa aparang seaparo sa mokete. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha morena a kena ho tla bona bamemuwa, a bona teng motho ya sa aparang seaparo sa mokete. |
Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.
Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.
Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.
Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’
Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”
Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!
Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.
Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.
Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.
“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”
o neilwe mose wa lesela le letleletle, le benyang, le hlwekileng. Lesela lena le letleletle ke diketso tse lokileng tsa bahalaledi.”
Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.
Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.