Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 1:12 - BIBELE

12 Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 1:12
19 Referencias Cruzadas  

Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?’


Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.


Ba re: “Morena ha a bone, Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”


ba reng: “Modimo a akofise mesebetsi ya hae re e bone, merero e atamele, merero ya Ya Halalelang wa Iseraele e atamele re tle re e tsebe.”


Medingwana ena e ka setshosa, e ka setshosa se hlonngwe tshimong ya mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka kgona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaya. Lona le se e tshabe, e ke ke ya le ntsha kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe.”


“Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!


Esau o runtsolotswe hakaakang! Matlotlo a hae a patilweng a lobelwa hakaakang!


Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”


ba re: “E kae tshepiso ya hore o tla kgutla? Haesale bo-ntata rona ba ithoballa, dintho tsohle di ntse di tshwana le mohla di hlolwang.”


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos