La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 21:34 - BIBELE

Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.

Ver Capítulo



Mattheu 21:34
20 Referencias Cruzadas  

Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


“Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.


“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’


“Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?”


Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”


Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla.


Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


“Empa balemi bao ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.’


“Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.


Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.