La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 21:29 - BIBELE

“A araba, a re: ‘Ke a hana!’ Empa hamorao a ikwahlaya, a ya.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela.

Ver Capítulo



Mattheu 21:29
19 Referencias Cruzadas  

Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa.


“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”


Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”


“Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: ‘Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!’


“A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: ‘E, ntate, ke tla ya,’ empa a se ke a ya.


“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.