Jeremia 44:16 - BIBELE16 “Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena! Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa. Ver Capítulo |
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lona le basadi ba lona le buile ka melomo ya lona, la ba la phethahatsa ka matsoho a lona, la re: ‘Ruri re tla phetha dikano tseo re di entseng, e leng tsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino.’ Jwale he, bolokang ditshepiso tseo tsa lona, le phethahatse le dikano tseo tsa lona!
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”