“Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng!
Mattheu 21:27 - BIBELE Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. Mme a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. Baasraak Sotho NT Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. |
“Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng!
Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”
Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”
Hoseng le re: ‘Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi.’ Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee!
Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”
“Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: ‘Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!’
Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo.
Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.