Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”
Mattheu 21:23 - BIBELE Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?” Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang? Baasraak Sotho NT Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao? |
Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”
a re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.’
Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena.
Ha Jesu a tloha Tempeleng a tsamaya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mmontsha mehaho ya Tempele.
Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.
O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,
Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena,
Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”
“Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?