La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 21:22 - BIBELE

mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.

Ver Capítulo



Mattheu 21:22
11 Referencias Cruzadas  

“Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong,


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?


“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,


Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.


Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.


Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.