Mattheu 21:14 - BIBELE Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa. Baasraak Sotho NT Mme difofu le dihlotsa tsa tla ho yena ka tempeleng; mme a ba fodisa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme difofu le dihlotsa tsa tla ho yena ka tempeleng; mme a ba fodisa. |
Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle.
kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.