a re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.’
Mattheu 20:5 - BIBELE Ba ya. “Ha e batla e eba hora ya leshome le metso e mmedi, a boela a tswa, a etsa jwaloka pele; le ka hora ya boraro a etsa jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a tswa e batlile ho ba hora ya botshelela, hape le ka ya boroba mono o le mong, mme a boela a etsa jwaloka pele. Baasraak Sotho NT A boela a tswa hape hoo e ka bang ka hora ya botshelela le ya borobong, a etsa jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a tswa hape hoo e ka bang ka hora ya botshelela le ya borobong, a etsa jwalo. |
a re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.’
Ha e batla e eba hora ya bohlano motsheare wa mantsiboya, a tswa, a fumana ba bang ba eme, a re ho bona: ‘Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?’
Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.
A re ho bona: “Tloong, le bone.” Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.
Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena,
Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”
Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.