Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 10:3 - BIBELE

3 Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 A bona ponong hantle, e ka ba hora ya boroba mono o le mong ya letsatsi, lengeloi la Modimo le kena ho yena, le re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A bona ponong hantle, e ka ba hora ya boroba mono o le mong ya letsatsi, lengeloi la Modimo le kena ho yena, le re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar




Diketso 10:3
23 Referencias Cruzadas  

Empa nna ke tla ipiletsa ho Modimo, mme Morena o tla mpholosa.


Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”


Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, ka baka la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o rea bitso le hlomphehang leha o sa ka ntseba.


Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso.


Yaba hanghang lebothohadi la lehodimo le ba le lengeloi leo, le roka Modimo, le re:


Yare ha Petrose a ntse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba romilweng ke Kornele, hoba ba batle, ba botse hore na ha Simone ke kae, ba fihla monyako.


Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.


Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.


Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: ‘Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose.


Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona,


Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.


Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re:


Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!” Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos