Mattheu 20:22 - BIBELE Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba. Baasraak Sotho NT Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona. |
Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho.
Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape.
Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.
Petrose a re ho yena: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.
A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”
A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”
Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.
A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!”
Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!
a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”
Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.