Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”
Mattheu 2:3 - BIBELE Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela, Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha morena Heroda a utlwa, a tshoha, le ba Jerusalema bohle ba tshoha le yena. Baasraak Sotho NT Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, a tshoha, le Jerusalema yohle le yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, a tshoha, le Jerusalema yohle le yena. |
Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”
ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”
mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng.
“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!
Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.
Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.
Ba ne ba tshwenyehile hobane baapostola bao ba ne ba ruta batho le ho phatlalatsa hore tsoho ya bafu e teng ka Jesu.