Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
Mattheu 19:4 - BIBELE A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’ Sesotho 1909/1961 (SO) A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi, Baasraak Sotho NT A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi; |
Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Yaba motho o re: “Enwa ke lesapo la masapo a ka, le nama ya nama ya ka; o tla bitswa Mosadi, hobane a ntshitswe ho Monna.”
a bopa e motona le e motshehadi, a ba hlohonolofatsa, mme a ba bitsa “motho”, mohla a ba hlolang.
Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka.
A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;
Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?
Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.
Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’
A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;
Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona;