A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Mattheu 19:11 - BIBELE A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo, Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng. Baasraak Sotho NT Empa a re ho bona: Hase bohle ba ka amohelang polelo eo, haese ba e neilweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a re ho bona: Hase bohle ba ka amohelang polelo eo, haese ba e neilweng. |
A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.”
hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”
E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.
Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.
Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.