Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:17 - BIBELE

17 E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:17
18 Referencias Cruzadas  

hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”


Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo,


Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.


Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.


hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,


Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.


Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla.


Bana beso, e mong le e mong a nne a phele pela Modimo ho ya kamoo a neng a le kateng mohla a bitswang.


Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.


Kantle ho tsena tse ntlhahetseng, ka letsatsi le letsatsi ke ntse ke imelwa ke ho hlokomela dikereke tsohle.


Re mo romile le ngwanabo rona eo botumo ba hae tabeng tsa molaetsa o molemo bo tsejwang ke dikereke tsohle.


Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka;


Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.


Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos