Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:17
18 Referencias Cruzadas  

Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.


Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.


Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.


Banabeso, motho ka mong a dule pela Modimo kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.


Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele.


Leha ho sa balwe ditsietsi tse tswang kantle, ke dikilwe ka matsatsi wohle ke dipelaetso tsa dikereke tsohle.


Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;


Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;


Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;


Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos