Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
Mattheu 18:9 - BIBELE Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha leihlo la hao le o dihela, o le honye, o le lahlele hole le wena. Ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele, o ena le mahlo a mabedi. Baasraak Sotho NT Ekare ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; |
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
“Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.
A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.
Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,
Haeba leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye; ho molemo ho wena ho kena Mmusong wa Modimo o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa diheleng o le mahlo a mabedi,
Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”
A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.
Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.