Mattheu 18:19 - BIBELE “Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong, Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong. Baasraak Sotho NT Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong. |
siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.
Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.
Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.
Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.
Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.
Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.
Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka.
Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.