Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.
Mattheu 18:17 - BIBELE empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho. Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho. Baasraak Sotho NT Ekare ha a hana ho ba utlwa, o bolelle phutheho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha a hana ho ba utlwa, o bolelle phutheho; |
Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.
Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.”
Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le
Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”
Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?
Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.
Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi?
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.
diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.
Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re: