Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:46 - BIBELE

46 Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

46 Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:46
19 Referencias Cruzadas  

Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”


empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.


Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?


“Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.


Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.


Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”


Jwale balekgetho le baetsadibe kaofela ba atamela ho mamela Jesu.


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”


Ha tla le balekgetho ho kolobetswa, ba re ho yena: “Moruti, re etseng?”


Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona.


Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”


Batho bohle le balekgetho ha ba utlwa ba ile ba ananela ho loka ha Modimo, ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne;


Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos