Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:16 - BIBELE

16 Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Empa ha a sa o mamele, o nke a le mong kapa ba babedi ba bang, e le hore ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba e nngwe le e nngwe e ka tiiswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa ha a sa o mamele, o nke a le mong kapa ba babedi ba bang, e le hore ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba e nngwe le e nngwe e ka tiiswa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:16
10 Referencias Cruzadas  

Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.


“ ‘Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu.’ ”


Esita le Molaong wa lona ho ngotswe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.


Lena e tla ba lekgetlo la boraro ke le etela. Taba efe kapa efe e tla tiiswa ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.


Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.


“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.


Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.


Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos