A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”
Mattheu 17:26 - BIBELE Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile. Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong. Baasraak Sotho NT Petrose a re ho yena: Ho baditjhaba. Jesu a re ho yena: Jwale, bana ba lokolohile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a re ho yena: Ho baditjhaba. Jesu a re ho yena: Jwale, bana ba lokolohile. |
A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”
Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”
“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.
Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”