Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”
Mattheu 16:4 - BIBELE Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela. Sesotho 1909/1961 (SO) Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela. Baasraak Sotho NT Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela. |
Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”
Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!
Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”
Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”
Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”
Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”
A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”