Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 6:3 - BIBELE

3 Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:3
17 Referencias Cruzadas  

bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


A hopola hore ke ba nama le madi, ke moya o ikelang, moya o ke keng wa hlola o kgutla.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya.


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


Se sitiseng Moya o Halalelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos