Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”
Mattheu 16:25 - BIBELE Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana. Baasraak Sotho NT Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; |
Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.”
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.
Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.
Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.
Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.