Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 3:6 - BIBELE

6 nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 3:6
22 Referencias Cruzadas  

A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana.


Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane?


Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.


Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: ‘Na ke tla fola?’ ”


O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.


Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana.


nako ya ho lahla majwe le nako ya ho a phutha, nako ya ho akana le nako ya ho se akane;


nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua;


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.


Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng.


Ka tsatsi la boraro, ka matsoho a bona, ba qhaqholla tse tsamaisang sekepe, ba di lahlela lewatleng.


Ha ba se ba kgotshe, ba imolla sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos