Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.
Mattheu 16:11 - BIBELE Le sitwa keng ho utlwisisa hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Empa hlokomelang tomoso ya Bafarisi le Basaduke.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi? Baasraak Sotho NT Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi? |
Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.
Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.
Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?
Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!”
Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.
Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee?”