Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Le sitwa keng ho utlwisisa hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Empa hlokomelang tomoso ya Bafarisi le Basaduke.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:11
10 Referencias Cruzadas  

Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.


Yaba ba utlwisisa hore o ne a sa ba bolella hore ba hlokomele tomoso ya bohobe, empa e le thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


A re ho bona: Le tshoha keng? le hloka tumelo jwang?


A ba laela, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


A re ho bona: “Ke ka baka lang ha le sa utlwisise?


Ka nako eo, ha letshwele le se le phuthehile, hoo ba bileng ba hatakelana, a qala ho bolella barutuwa ba hae pele, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi, e leng boikaketsi.


Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo le sa lefatshe; empa ho tla jwang ha le sa lemohe nako ee?


Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? le kahobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos