Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.
Mattheu 15:36 - BIBELE a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata. Baasraak Sotho NT A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. |
Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.
A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”
Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.
Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.
Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.
Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.
Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?
Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”