Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”
Mattheu 15:31 - BIBELE Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bongata boo bo a makala, ha bo bona dimumu di bua, le dihole di ena le mmele o motle, le dihlotsa di tsamaya, le difofu di bona, mme ba rorisa Modimo wa Iseraele. Baasraak Sotho NT Hoo letshwele la makala ha le bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hoo letshwele la makala ha le bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele. |
Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”
Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”
Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.
Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa.
“Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.
Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.
Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”
Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.
Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”
Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”
Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,
“Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: ‘Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.’
Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.
Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”
Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”