Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.
Mattheu 15:19 - BIBELE hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong; Baasraak Sotho NT Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. |
Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.
Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.
Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.
ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso.
Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?
Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?
Bileame a re ho tonki: “Ke hobane o bapala ka nna! Hoja ke ne ke tshwere sabole, hona jwale nka be ke se ke o bolaile.”
Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;
Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.