Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng.
Mattheu 13:5 - BIBELE E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata. Ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba, Sesotho 1909/1961 (SO) Hlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu. Baasraak Sotho NT E nngwe ya wela majweng, moo ho se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E nngwe ya wela majweng, moo ho se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. |
Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng.
Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.
Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.
Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.
Peo e jetsweng mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo,
E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba.