Mattheu 13:32 - BIBELE Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona. Baasraak Sotho NT E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona. |
Nonyana tsohle tsa hahela makaleng a yona, batana tsohle tsa tswalla tlasa makala a yona, tjhaba tsohle tse kgolo tsa dula moriting wa yona.
Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.
“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”
Jesu a re: “Mmuso wa Modimo re ka o tshwantsha jwang? Re ka o hlalosa ka setshwantsho sefe?
Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.”
Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:
Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.
Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”