Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:32 - BIBELE

32 Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Empa ha e se e jadilwe, e a mela, e be kgolo ho feta dimela tsohle, mme e etse makala a maholo; e le hore linonyana tsa leholimo li ka lula tlas’a moriti oa sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Empa ha e se e jadilwe, e a mela, e be kgolo ho feta dimela tsohle, mme e etse makala a maholo; e le hore linonyana tsa leholimo li ka lula tlas’a moriti oa sona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:32
15 Referencias Cruzadas  

Nonyana tse fofang di hahetse pela tsona, di letsa melodi di le makaleng a difate.


Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle,


Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare.


Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa.


Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi.


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”


O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung.


A ba ruta lentswe ka ditshwantsho tse ngata tse kang sena, ho ya kamoo ba neng ba ka utlwisisa kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos