Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Mattheu 13:16 - BIBELE “Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa. Baasraak Sotho NT Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona, hobane di a utlwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona, hobane di a utlwa. |
Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”
O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”
Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.