Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:15 - BIBELE

15 Dipelo tsa setjhaba sena di thotofetse, mme ditsebe tsa sona di thibane, se itutubaditse mahlo, esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Hobane pelo ya setjhaba sena e retile, ba utlwe ka ditsebe, ba kwetse mahlo a bona; e se re mohlomong ba ka bona ka mahlo, ba utlwa ka ditsebe, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, mme ba sokoloha, mme ka ba fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane pelo ya setjhaba sena e retile, ba utlwe ka ditsebe, ba kwetse mahlo a bona; e se re mohlomong ba ka bona ka mahlo, ba utlwa ka ditsebe, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, mme ba sokoloha, mme ka ba fodisa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:15
25 Referencias Cruzadas  

Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao.


Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”


Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


“Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo.


Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.


“Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


e le hore ba tle “ ‘ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa.’ ”


a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.


hobane pelo ya setjhaba sena e thatafetse, se thibane ditsebe, se itutubaditse; esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona, sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa utlwisisa ka pelo tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’ ”


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.


Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo.


Di ngata tseo re ka di bolelang ka taba ena, empa ho thata ho le hlalosetsa tsona, hobane le lenama ho mameleng.


Bohareng ba lebala la motse oo, dipakeng tsa makala a mabedi a noka, ho metse sefate sa bophelo, se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi ka selemo, e leng hanngwe ka kgwedi e nngwe le e nngwe, mme mahlaku a sona a phekola ditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos