Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:
Mattheu 13:14 - BIBELE “Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng: “ ‘Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho phethahala ho bona ho porofetilweng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontshisa. Baasraak Sotho NT Mme ho phethahala ho bona boporofeta ba Esaia bo reng: Ho utlwa le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; le bona le tla bona, mme le ke ke la bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ho phethahala ho bona boporofeta ba Esaia bo reng: Ho utlwa le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; le bona le tla bona, mme le ke ke la bona; |
Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:
“Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
e le hore ba tle “ ‘ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa.’ ”
A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”
Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?”
Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.
Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.