Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:12 - BIBELE

12 e le hore ba tle “ ‘ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 E le hore, ho tadima, ba bone, mme ba se ke ba bona; le ho utlwa ba utlwe, mme ba se ke ba utlwisisa; e se re mohlomong ba ka sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 E le hore, ho tadima, ba bone, mme ba se ke ba bona; le ho utlwa ba utlwe, mme ba se ke ba utlwisisa; e se re mohlomong ba ka sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:12
18 Referencias Cruzadas  

Tlisang ba foufetseng empa ba ena le mahlo, bao e leng ditholo empa ba ena le ditsebe.


Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.


Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”


Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:


“Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola


A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos