Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:11 - BIBELE

11 A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 A re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 A re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:11
20 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


“Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?


Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena.


A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:


A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”


Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.


Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos